2 Samuele 19:15-32 BIBELE (SSO89SO)

15. Yaba kgosi e a kgutla, e fihla Jorodane. Ba morabe wa Juda ba ya Gilegale, ho ya kgahlanyetsa kgosi le ho e tshedisa Jorodane.

16. Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, a theoha le banna ba morabe wa Juda ka potlako ho ya kgahlanyetsa kgosi Davida.

17. Shimei o ne a ena le banna ba sekete ba morabe wa Benjamine, le Siba, mohlanka wa lelapa la Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Batho bana ba potlakela ho ya fihla Jorodane pele ho kgosi.

18. Seketswana sa tshelela mose ho Jorodane, ho ya lata ba lelapa la kgosi, le ho etsa seo kgosi e lakatsang ha se etswa.Hoba Shimei, mora wa Gera, a tshele Jorodane, a obamela kgosi,

19. a re ho yona: “Monga ka, o se ke wa ntadima ke le motho ya kgopo, mme o se ke wa hopola bobe boo mohlanka wa hao a neng a bo etse ka letsatsi leo monga ka, kgosi ya ka, a neng a tloha Jerusalema ka lona. Kgosi e se ke ya ntjara ka pelo.

20. Mohlanka wa hao o a tseba hore o sitilwe; ka baka leo, ke tlile kajeno, ke le wa pele hara bohle ba morabe wa Josefa, hore ke theohe, ke tlo kgahlanyetsa monga ka, kgosi ya ka.”

21. Jwale Abishai, mora wa Seruya, a araba, a re: “Eka kgona Shimei a bolaelwe taba ena, hobane o ne a hlapaole motlotsuwa wa Morena!”

22. Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.”

23. Kgosi ya re ho Shimei: “O ke ke wa bolawa!” Yaba kgosi e a mo hlapanyetsa.

24. Mefiboshete, mora wa Saule, a theoha ho ya kgahlanyetsa kgosi. Ho tloha mohla kgosi e tsamayang, ho fihlela e ba e kgutla ka kgotso, Mefiboshete, mora wa Saule, o ne a eso ka a kutletsa maoto a hae, kapa a beola ditedu tsa hae, kapa a hlatswa diaparo tsa hae.

25. Yare ha a fihla ho tla kgahlanyetsa kgosi, a etswa Jerusalema, kgosi ya re ho yena: “Mefiboshete, ke ka baka lang o sa kang wa tsamaya le nna?”

26. Mefiboshete a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, mohlanka wa ka o ile a nthetsa. Nna, mohlanka wa hao, ke ne ke itse ke tla iqhanehela tonki ya ka, ke e palame, ke tsamaye le kgosi, hobane ke sehlotsa;

27. yaba mohlanka eo o ntshenya lebitso ho monga ka, kgosi ya ka. Empa monga ka, kgosi ya ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; ka baka leo, etsa seo o bonang se lokela.

28. Bohle ba lelapa la ntate ba ne ba lokelwa ke ho bolawa ke monga ka, kgosi ya ka, empa o ile wa nkenya hara bao o jang le bona. Ka baka leo, ke sa na le tokelo efe, ya hore ke nne ke ipiletse ho kgosi?”

29. Yaba kgosi e re ho yena: “O sa buelang ditaba tsa hao? Ke qetile ka hore wena le Siba le tla arolelana naha.”

30. Mefiboshete a re ho kgosi: “Siba a hle a e nke yohle, hobane monga ka, kgosi ya ka, o kgutletse hae ka kgotso.”

31. Barasilai wa Mogileade a theoha Rogeleme, a tsamaya le kgosi ho ya e tshedisa Jorodane.

32. Barasilai o ne a se a tsofetse haholo, a ena le dilemo tse mashome a robedi. Ha kgosi e ntse e le Mahanaime, Barasilai o ne a e fepa, hobane o ne a ruile haholo.

2 Samuele 19