11. Yaba kgosi Davida o romela molaetsa ho moprista Sadoke, le ho moprista Abiatare, o re: “Bolellang baholo ba Juda, le re: <Ke ka baka lang ha e le lona ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutlele tlung ya yona? Molaetsa wa Baiseraele bohle, o reng kgosi e kgutlele tlung ya yona, o se o fihlile.
12. Lona le bana beso, le madi eso; jwale ke hobaneng ha le le ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutle?>
13. Ho Amasa le tle le re: <Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.> ”
14. Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”
15. Yaba kgosi e a kgutla, e fihla Jorodane. Ba morabe wa Juda ba ya Gilegale, ho ya kgahlanyetsa kgosi le ho e tshedisa Jorodane.
16. Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, a theoha le banna ba morabe wa Juda ka potlako ho ya kgahlanyetsa kgosi Davida.
17. Shimei o ne a ena le banna ba sekete ba morabe wa Benjamine, le Siba, mohlanka wa lelapa la Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Batho bana ba potlakela ho ya fihla Jorodane pele ho kgosi.