1. Joabe a bolellwa, ha thwe: “Hela, kgosi e ntse e lla, e hlomohetse Abosalome.”
2. Yaba ho hlola ha letsatsi leo ho fetoha bofifi ho bahlabani bohle, hobane hona letsatsing leo ba ile ba utlwa ho thwe: “Kgosi e hlomohetse mora wa yona.”
3. Ka letsatsi leo bahlabani ba kena motseng ka lenyele, jwaloka bahlabani ba hlabilweng ke dihlong ha ba balehile ntweng.
4. Kgosi ya ikgurumetsa sefahleho, ya bokolla haholo, ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Jo! ngwanaka, ngwanaka Abosalome!”
5. Jwale Joabe a ya lapeng ho kgosi, a re: “Kajeno o tlontlolotse bahlanka bohle ba hao, ba o pholositseng, ba pholosa le bara ba hao, le baradi ba hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo.
6. O rata ba o hloileng, empa o hloile ba o ratang. Kajeno o iponahaditse hore ha o re letho ka mahosana kapa bahlanka. Kajeno ke elellwa hore haeba Abosalome a ne a sa shwa, eba rona bohle re shwele, o ka be o thabile.
7. Ka baka leo, ema, o tsamaye, o yo bua hantle le bahlanka ba hao, hobane ke hlapanya ka Morena hore haeba o sa ye, ha ho motho ya tla o lebela bosiung bona. Hona ho tla ba hobe ho wena ho feta bomadimabe bohle bo kileng ba o wela hodimo ho tloha bohlankaneng ba hao, ho fihlela kajeno.”
8. Yaba kgosi e a ema, e ya dula kgorong ya motse. Bahlabani bohle ba tsebiswa, ha thwe: “Kgosi ke eo e dutse kgorong ya motse.” Yaba bahlabani bao ba phuthehela kapele ho kgosi. E mong le e mong wa Baiseraele o ne a ile a balehela lapeng la hae.
9. Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.