2. A arola bahlabani mabotho a mararo. Molaodi wa lebotho la pele e ne e le Joabe; wa lebotho la bobedi e le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe; wa lebotho la boraro e le Itai wa Mogate. Kgosi ya re ho bahlabani: “Le nna ka nama, ke tla futuha le lona.”
3. Empa bahlabani ba re: “Wena o se ke wa futuha le rona. Ha re ka baleha, ba ke ke ba re tsotella. Leha ba ka ba bolaya halofo ya bahlabani ba rona, ba ke ke ba re tsotella; feela wena o lekana le bahlabani ba dikete tse leshome ba rona, ka bohlokwa. Ka baka leo, ho molemo hore o tle o re thuse o ntse o le ka motseng.”
4. Kgosi ya re ho bona: “Ke tla etsa seo le bonang se le molemo.”Kgosi ya ema pela kgoro ya motse ha bahlabani ba etswa ka makgolo le ka dikete.
5. Kgosi ya laela Joabe, le Abishai, le Itai, ya re: “Le mpaballele mohlankana Abosalome.” Bahlabani bohle ba utlwa ha kgosi e laela balaodi malebana le Abosalome.
6. Mabotho a tswela naheng ho ya lwantsha Baiseraele. Ntwa ya lwanela morung wa Efraime.
7. Bahlabani ba Baiseraele ba hlolwa ke ba Davida. Ka letsatsi leo ha bolawa Baiseraele ba bangata; ba ne ba ka ba dikete tse mashome a mabedi.
8. Ntwa ya aparela sebaka seo sohle. Ka letsatsi leo, batho ba ileng ba shwella ka morung ba eba bangata ho feta ba ileng ba bolawa ka sabole.
9. Bahlankana ba Davida ba bona Absalome a palame mmeile. Eitse ha mmeile o feta tlasa makala a teteaneng a sefate se seholo sa eike, hlooho ya hae ya tshwaswa ke makala, yena a sala a leketlile sebakeng, mmeile oo a neng a o palame wa monyoha katlasa hae.
10. Monna e mong ya ileng a bona hona a bolella Joabe, a re: “Ke bone Abosalome a leketlile sefateng sa eike.”
11. Joabe a re ho monna eo ya mmoleletseng: “Haeba o mmone, ke ka baka lang o sa kang wa mmolaela hona moo, a polana fatshe? Nkabe ke o putsa ka disilefera tse leshome, le ka leqhama.”
12. Monna eo a re ho Joabe: “Leha o ne o ka mpha disilefera tse sekete, ke ne nke ke ka bolaya mora wa kgosi, hobane moo re ntseng re utlwa, kgosi e ile ya laela wena, le Abishai, le Itai, ya re: <Le mpaballele mohlankana Abosalome.>
13. Hoja ka bolaya Abosalome ka bolotsana, ke ne ke tla ipea kotsing, hobane ha ho letho le patehileng ho kgosi, mme ebe wena wa itshola.”
14. Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike.
15. Bahlankana ba leshome, bao e neng e le bajari ba dihlomo tsa Joabe, ba kopanela Abosalome, ba mo kgakgatha, ba mmolaya.
16. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba kgaotsa ho phaladisa Baiseraele, hobane Joabe o ne a se a ba thibile.
17. Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.