2 Samuele 18:13-31 BIBELE (SSO89SO)

13. Hoja ka bolaya Abosalome ka bolotsana, ke ne ke tla ipea kotsing, hobane ha ho letho le patehileng ho kgosi, mme ebe wena wa itshola.”

14. Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike.

15. Bahlankana ba leshome, bao e neng e le bajari ba dihlomo tsa Joabe, ba kopanela Abosalome, ba mo kgakgatha, ba mmolaya.

16. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba kgaotsa ho phaladisa Baiseraele, hobane Joabe o ne a se a ba thibile.

17. Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.

18. Ha Abosalome a sa ntsane a phela, o ne a ile a ikgahela sefika ka Kgohlong ya Kgosi, hobane o ne a re: “Ha ke na mora ya tla tsosa lebitso la ka.” Sefika seo a se reella ka yena, mme se ntse se bitswa Sefika sa Abosalome le kajeno-ya-bokajeno.

19. Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.”

20. Empa Joabe a re ho yena: “O ke ke wa isa ditaba kajeno; o tla di isa ka letsatsi le leng. Ha e le kajeno o ke ke wa di isa, hobane mora wa kgosi o shwele.”

21. Yaba Joabe o re ho monna wa Kushe: “Tsamaya, o yo bolella kgosi seo o se boneng.” Mokushe eo a obamela Joabe, yaba o nka ka saole.

22. Jwale Ahimase, mora wa Sadoke, a boela a re ho Joabe: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ntumelle le nna ke mathe kamora Mokushe yane.”Joabe a re: “Wena o tla be o mathela lelea, ngwanaka, hobane ha ho na ditaba tse monate, tseo o di isang.”

23. Empa Ahimase a re: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ke tla matha.”Joabe a re ho yena: “Matha!” Ahimase a takolotsa ka tsela e ka phuleng, a siya Mokushe eo.

24. Davida o ne a dutse pakeng tsa dikgoro tse pedi tsa motse. Sebohodi sa hlwella lerakong, marulelong a hodima kgoro ya motse. Ha se phahamisa mahlo, se tadima, sa bona monna ya tlang a matha a le mong.

25. Sebohodi seo sa howeletsa, sa tsebisa kgosi.Yaba kgosi e re: “Haeba monna eo a le mong, o tlisa ditaba tse monate.” Monna eo a nna a atamela.

26. Sebohodi sa boela sa bona monna e mong ya tlang a matha, yaba se howeletsa molebedi wa kgoro, se re: “Monna e mong hape ke yane a etla a matha a le mong!”Yaba kgosi e re: “Le yena o tlisa ditaba tse monate.”

27. Sebohodi sa re: “Ke bona monna ya kapele a matha jwaloka Ahimase, mora wa Sadoke.”Yaba kgosi e re: “Ke monna ya lokileng, mme o tlisa ditaba tse monate.”

28. Ahimase a howeletsa, a re ho kgosi: “Kgomo tseo!” A obamela kgosi, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya neelaneng ka banna ba ileng ba tsohela monga ka, kgosi ya ka, matla.”

29. Kgosi ya re: “Na mohlankana Abosalome a ntse a phela?”Ahimase a araba, a re: “Ka nako eo Joabe, mohlanka wa kgosi, a neng a roma nna, mohlanka wa hao, ke ile ka bona morusu o moholo, empa ha ke a ka ka tseba hore na ke wa eng.”

30. Kgosi ya re ho Ahimase: “Fetela kathoko, o eme mona!” Ahimase a fetela kathoko, a ema themelele!

31. Jwale monna wa Mokushe a fihla a re: “Ke o tsebisa ditaba tse monate, monga ka, kgosi ya ka! Ka letsatsi lena Morena o o pheteditse ho bohle ba ileng ba o tsohela matla!”

2 Samuele 18