2 Samuele 18:12-22 BIBELE (SSO89SO)

12. Monna eo a re ho Joabe: “Leha o ne o ka mpha disilefera tse sekete, ke ne nke ke ka bolaya mora wa kgosi, hobane moo re ntseng re utlwa, kgosi e ile ya laela wena, le Abishai, le Itai, ya re: <Le mpaballele mohlankana Abosalome.>

13. Hoja ka bolaya Abosalome ka bolotsana, ke ne ke tla ipea kotsing, hobane ha ho letho le patehileng ho kgosi, mme ebe wena wa itshola.”

14. Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike.

15. Bahlankana ba leshome, bao e neng e le bajari ba dihlomo tsa Joabe, ba kopanela Abosalome, ba mo kgakgatha, ba mmolaya.

16. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba kgaotsa ho phaladisa Baiseraele, hobane Joabe o ne a se a ba thibile.

17. Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.

18. Ha Abosalome a sa ntsane a phela, o ne a ile a ikgahela sefika ka Kgohlong ya Kgosi, hobane o ne a re: “Ha ke na mora ya tla tsosa lebitso la ka.” Sefika seo a se reella ka yena, mme se ntse se bitswa Sefika sa Abosalome le kajeno-ya-bokajeno.

19. Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.”

20. Empa Joabe a re ho yena: “O ke ke wa isa ditaba kajeno; o tla di isa ka letsatsi le leng. Ha e le kajeno o ke ke wa di isa, hobane mora wa kgosi o shwele.”

21. Yaba Joabe o re ho monna wa Kushe: “Tsamaya, o yo bolella kgosi seo o se boneng.” Mokushe eo a obamela Joabe, yaba o nka ka saole.

22. Jwale Ahimase, mora wa Sadoke, a boela a re ho Joabe: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ntumelle le nna ke mathe kamora Mokushe yane.”Joabe a re: “Wena o tla be o mathela lelea, ngwanaka, hobane ha ho na ditaba tse monate, tseo o di isang.”

2 Samuele 18