2 Samuele 18:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Monna e mong ya ileng a bona hona a bolella Joabe, a re: “Ke bone Abosalome a leketlile sefateng sa eike.”

11. Joabe a re ho monna eo ya mmoleletseng: “Haeba o mmone, ke ka baka lang o sa kang wa mmolaela hona moo, a polana fatshe? Nkabe ke o putsa ka disilefera tse leshome, le ka leqhama.”

12. Monna eo a re ho Joabe: “Leha o ne o ka mpha disilefera tse sekete, ke ne nke ke ka bolaya mora wa kgosi, hobane moo re ntseng re utlwa, kgosi e ile ya laela wena, le Abishai, le Itai, ya re: <Le mpaballele mohlankana Abosalome.>

13. Hoja ka bolaya Abosalome ka bolotsana, ke ne ke tla ipea kotsing, hobane ha ho letho le patehileng ho kgosi, mme ebe wena wa itshola.”

14. Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike.

15. Bahlankana ba leshome, bao e neng e le bajari ba dihlomo tsa Joabe, ba kopanela Abosalome, ba mo kgakgatha, ba mmolaya.

16. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba kgaotsa ho phaladisa Baiseraele, hobane Joabe o ne a se a ba thibile.

17. Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.

18. Ha Abosalome a sa ntsane a phela, o ne a ile a ikgahela sefika ka Kgohlong ya Kgosi, hobane o ne a re: “Ha ke na mora ya tla tsosa lebitso la ka.” Sefika seo a se reella ka yena, mme se ntse se bitswa Sefika sa Abosalome le kajeno-ya-bokajeno.

2 Samuele 18