2 Samuele 17:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. Ha Hushai a fihla ho Abosalome, Abosalome a bua le yena, a re: “Ahitofele o buile tjena le tjena; na re tla ya ka dipolelo tsa hae? Haeba ho se jwalo, wena o reng?”

7. Hushai a re ho Abosalome: “Ha e le kajeno, keletso ena ya Ahitofele ha e ntle.”

8. Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.

9. Le hona jwale o ipatile mahaheng, kapa sebakeng se seng. Haeba ba bang ba bahlabani ba rona ba ka bolawa sethathong, ya utlwang o tla re: <Balatedi ba Abosalome ba entswe mofela.>

10. Esitana le mohale eo bohale ba hae ekang ba tau, o tla nyahama pelo. Baiseraele bohle ba a tseba hore ntatao ke mohlabani, le hore banna bao a nang le bona ke bahale.

11. “Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.

12. Jwale re tla mo futuhela hohle moo re tla mo fumana teng, re mo wele hodimo jwaloka phoka ha e lala hodima lefatshe. Yena le banna bohle bao a nang le bona ha ho ya tla phonyoha.

13. Haeba a ka etsa sealo ho ya kena motseng, Baiseraele bohle ba tla tlisa mehala, mme ka yona re hulele motse oo ka nokeng, ho fihlela ho se lejwe le le leng la motse oo le setseng.”

2 Samuele 17