1. Ahitofele a re ho Abosalome: “Ere jwale ke kgethe banna ba dikete tse leshome le metso e mmedi. Bosiung bona bona ke tla tsoha, ke yo phaladisa Davida.
2. Ke tla mo kgaoletsa a sa kgathetse, a nyahame pelo. Ke tla mo tshosa, mme ere ha bohle ba nang le yena ba phasaphasa, ke mmolaye.
3. Ke tla o tlisetsa batho bohle. Ha bohle ba se ba kgutlile, haese feela motho eo o mmatlang, setjhaba sohle se tla ba kgotso.”
4. Taba ena ya kgahla Abosalome le baholo ba setjhaba sa Iseraele.
5. Yaba Abosalome o re: “Mpitsetseng le Hushai wa Moareke, re tlo utlwa hore na yena o tla reng.”
6. Ha Hushai a fihla ho Abosalome, Abosalome a bua le yena, a re: “Ahitofele o buile tjena le tjena; na re tla ya ka dipolelo tsa hae? Haeba ho se jwalo, wena o reng?”
7. Hushai a re ho Abosalome: “Ha e le kajeno, keletso ena ya Ahitofele ha e ntle.”
8. Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.
9. Le hona jwale o ipatile mahaheng, kapa sebakeng se seng. Haeba ba bang ba bahlabani ba rona ba ka bolawa sethathong, ya utlwang o tla re: <Balatedi ba Abosalome ba entswe mofela.>
10. Esitana le mohale eo bohale ba hae ekang ba tau, o tla nyahama pelo. Baiseraele bohle ba a tseba hore ntatao ke mohlabani, le hore banna bao a nang le bona ke bahale.