2 Samuele 16:11-18 BIBELE (SSO89SO)

11. Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.

12. Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”

13. Yaba Davida le banna ba hae ba tswela pele leetong la bona. Shimei yena a sika le leralla, a tsamaya a ntse a hlapaolana, a kurutlela Davida ka majwe, a ntse a kgopholaka marole.

14. Kgosi le batho bohle ba neng ba ena le yona ba fihla ba kgathetse, mme ba phomola hona moo.

15. Abosalome le setjhaba sohle, le banna ba Iseraele, ba fihla Jerusalema, ba ena le Ahitofele.

16. Ha Hushai wa Moareke, motswalle wa Davida, a fihla ho Abosalome, a re ho yena: “Re phelele kgosi! Re phelele kgosi!”

17. Abosalome a re ho Hushai: “Na o hlile o rata motswalle wa hao? Ke hobaneng o sa tsamayeng le yena?”

18. Hushai a re ho Abosalome: “Tjhe, eo Morena le setjhaba sena sa Iseraele ba mo kgethileng, ke yena eo ke tla etsa thato ya hae, mme ke yena eo ke tla ba le yena.

2 Samuele 16