2 Samuele 15:7-20 BIBELE (SSO89SO)

7. Qetellong ya dilemo tse nne, Abosalome a re ho kgosi: “Ke o kopa hore nke ke ye Heborone, ke yo phetha kano, eo ke ileng ka e etsetsa Morena.

8. Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: <Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.> ”

9. Kgosi ya re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.”Abosalome a tsamaya, a ya Heborone.

10. Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: <Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone!> ”

11. Banna ba makgolo a mabedi ba tswang Jerusalema, ba neng ba memilwe, ba ikela tjee ba sa tsebe letho, ba tsamaya le Abosalome.

12. Ha Abosalome a ntse a nyehela ka mahlabelo, a bitsa Ahitofele wa Mogilo, moeletsi wa Davida, a le motseng wa habo wa Gilo. Morero ona wa bohlabaphiyo o ne o le matla le batho ba tshehetsang Abosalome ba nna ba eketseha.

13. Leqosa la fihla ho Davida, la re: “Abosalome o hapile banna ba Iseraele.”

14. Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.”

15. Bahlanka ba kgosi ba re ho kgosi: “Bahlanka ba hao ba itokiseditse ho phetha tsohle tseo kgosi e tla ba laela tsona.”

16. Kgosi ya tswa motseng le bohle ba lelapa la yona, ya siya basadi ba leshome, bao e neng e le basadi ba mafielo ba yona, hore ba hlokomele lelapa.

17. Kgosi ya fela ya tswa le setjhaba sohle sa yona, ya fihla ya emisa tlung ya ho qetela.

18. Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.

19. Yaba kgosi e re ho Itai wa Mogate: “O tsamaelang le rona? Kgutla, o yo dula le kgosi, hobane o moditjhaba, o bile o balehile naheng ya heno.

20. O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.”

2 Samuele 15