5. Ha motho a itihela fatshe kapele ho yena, ho isa hlompho, o ne a ye a mo tshware ka letsoho, a mo emise, mme a mo ake.
6. Abosalome a etsa tjena ho Baiseraele bohle ba neng ba ye ba tle ho kgosi, hore ba ahlolelwe. Ka mokgwa ona Abosalome a hapa dipelo tsa bana ba Iseraele.
7. Qetellong ya dilemo tse nne, Abosalome a re ho kgosi: “Ke o kopa hore nke ke ye Heborone, ke yo phetha kano, eo ke ileng ka e etsetsa Morena.
8. Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: <Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.> ”
9. Kgosi ya re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.”Abosalome a tsamaya, a ya Heborone.
10. Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: <Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone!> ”
11. Banna ba makgolo a mabedi ba tswang Jerusalema, ba neng ba memilwe, ba ikela tjee ba sa tsebe letho, ba tsamaya le Abosalome.
12. Ha Abosalome a ntse a nyehela ka mahlabelo, a bitsa Ahitofele wa Mogilo, moeletsi wa Davida, a le motseng wa habo wa Gilo. Morero ona wa bohlabaphiyo o ne o le matla le batho ba tshehetsang Abosalome ba nna ba eketseha.
13. Leqosa la fihla ho Davida, la re: “Abosalome o hapile banna ba Iseraele.”
14. Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.”
15. Bahlanka ba kgosi ba re ho kgosi: “Bahlanka ba hao ba itokiseditse ho phetha tsohle tseo kgosi e tla ba laela tsona.”
16. Kgosi ya tswa motseng le bohle ba lelapa la yona, ya siya basadi ba leshome, bao e neng e le basadi ba mafielo ba yona, hore ba hlokomele lelapa.
17. Kgosi ya fela ya tswa le setjhaba sohle sa yona, ya fihla ya emisa tlung ya ho qetela.