27. Kgosi ya boela ya re ho moprista Sadoke: “Na o re o senohe? Ke re o kgutlele motseng ka kgotso, wena le Ahimase, mora wa hao, le Jonathane, mora wa Abiatare; ke ho re lona le bara ba lona ba babedi.
28. Bona, ke tla emisa diphuleng tse lehwatateng, ho fihlela ke fumana molaetsa o tswang ho lona.”
29. Bo-Sadoke le Abiatare ba kgutlisetsa areka ya Modimo Jerusalema, mme ba hlola hona teng.
30. Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.
31. E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.”Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”
32. Ha Davida a se a fihlile kahodima tlhoro ya thaba, moo a neng a tlwaetse ho kgumamella Modimo teng, a bona ho fihla Hushai wa Moareke, seaparo sa hae se hahohile, a itshetse ka lerole hloohong.
33. Davida a re ho yena: “Ha o ka fetela pele le nna, o tla nkgoka.
34. Ha o ka kgutlela motseng, wa re ho Abosalome: <Oho, kgosi, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke nnile ka ba mohlanka wa ntatao, ka mokgwa o jwalo ke tla ba mohlanka wa hao,> mme ka ho etsa jwalo o tla tseba ho nnyopisetsa dikeletso tsa Ahitofele.
35. Ha ke re hona moo le na le bo-Sadoke le Abiatare? Ka baka leo, ntho efe kapa efe eo o utlwang e buuwa lapeng la kgosi, o e sebele baprista, bo-Sadoke le Abiatare.
36. Ba na le bara ba bona ba babedi hona moo, e leng Ahimase, mora wa Sadoke, le Jonathane, mora wa Abiatare, mme ntho efe kapa efe eo le e utlwang le tla ntsebisa yona ka bona.”
37. Yaba Hushai, motswalle wa Davida, o fihlellana le Abosalome motseng wa Jerusalema.