2 Samuele 15:22-32 BIBELE (SSO89SO)

22. Davida a re ho Itai: “Tsamaya, o fetele pele.” Itai wa Mogate a fetela pele le banna bohle ba hae, le bana bohle bao a neng a ena le bona.

23. Baahi bohle ba naha ba bokolla haholo, ha setjhaba sohle se fetela pele. Ha kgosi e tshela molatswana wa Kiderone, setjhaba sohle sa fetela pele, ka tsela e yang lehwatateng.

24. Sadoke le yena a tla, le Balevi bohle ba neng ba ena le yena, ba nkile areka ya selekane sa Modimo. Ba fihla ba bea areka ya Modimo fatshe, pela Abiatare, ho fihlela ha setjhaba sohle se felella ho tswa motseng.

25. Kgosi ya re ho Sadoke: “Kgutlisetsa areka ya Modimo motseng; haeba Morena a ka nkgauhela, o tla nkgutlisa, mme a mpontshe yona le leaho la hae.

26. Empa haeba Morena a ka re: <Ha o nkgahle,> bona, ke nna enwa, a nketse seo a bonang se lokile.”

27. Kgosi ya boela ya re ho moprista Sadoke: “Na o re o senohe? Ke re o kgutlele motseng ka kgotso, wena le Ahimase, mora wa hao, le Jonathane, mora wa Abiatare; ke ho re lona le bara ba lona ba babedi.

28. Bona, ke tla emisa diphuleng tse lehwatateng, ho fihlela ke fumana molaetsa o tswang ho lona.”

29. Bo-Sadoke le Abiatare ba kgutlisetsa areka ya Modimo Jerusalema, mme ba hlola hona teng.

30. Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.

31. E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.”Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”

32. Ha Davida a se a fihlile kahodima tlhoro ya thaba, moo a neng a tlwaetse ho kgumamella Modimo teng, a bona ho fihla Hushai wa Moareke, seaparo sa hae se hahohile, a itshetse ka lerole hloohong.

2 Samuele 15