2 Samuele 15:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora mona, Abosalome a iketsetsa kariki ya ntwa, a batla le dipere, le banna ba mashome a mahlano ba tla mo etella pele.

2. Abosalome o ne a ye a tsohe e sa le hoseng, a yo ema tseleng e yang kgorong ya motse. E ne e ye ere ha motho ya nang le nyewe a eya ho kgosi hore a yo ahlolelwa, ebe Abosalome o a mmitsa, o re ho yena: “O tswa motseng ofe?”Eo a re: “Mohlanka wa hao o tswa ho o mong wa merabe ya Iseraele.”

3. Abosalome a re ho yena: “Nyewe ena ya hao e ntle haholo, e bile e nepahetse, empa ha ho le ya mong wa banna ba kgosi ya tla o mamela.”

4. Abosalome a tswele pele, a re: “Hoja ke ne ke le moahlodi naheng ena, mme bohle ba nang le dinyewe kapa ditaba ba etla ho nna, ke ne ke tla ba ahlolela ka toka.”

5. Ha motho a itihela fatshe kapele ho yena, ho isa hlompho, o ne a ye a mo tshware ka letsoho, a mo emise, mme a mo ake.

6. Abosalome a etsa tjena ho Baiseraele bohle ba neng ba ye ba tle ho kgosi, hore ba ahlolelwe. Ka mokgwa ona Abosalome a hapa dipelo tsa bana ba Iseraele.

7. Qetellong ya dilemo tse nne, Abosalome a re ho kgosi: “Ke o kopa hore nke ke ye Heborone, ke yo phetha kano, eo ke ileng ka e etsetsa Morena.

8. Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: <Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.> ”

9. Kgosi ya re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.”Abosalome a tsamaya, a ya Heborone.

10. Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: <Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone!> ”

2 Samuele 15