2 Samuele 14:21-33 BIBELE (SSO89SO)

21. Yaba kgosi e re ho Joabe: “Ho lokile; tsamaya o yo lata mohlankana, Abosalome.”

22. Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a lakaletsa kgosi mahlohonolo, mme a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, kajeno mohlanka wa hao o a tseba hore o mo hauhetse, hobane kgosi e phethahaditse kopo ya mohlanka wa yona.”

23. Joabe a tloha, a ya Geshure, mme a tla le Abosalome, Jerusalema.

24. Yaba kgosi e re: “Ere Abosalome a ye tlung ha hae, feela a se ke a ba a mpona.” Kahoo Abosalome a ya tlung ha hae, mme a se ke a ba a bona kgosi.

25. Naheng yohle ya Iseraele ho ne ho se monna e motle, ya babatsehang jwaloka Abosalome. O ne a hloka sepha ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla hloohong.

26. Ha a qeta ho kuta moriri wa hae, o ne a ye a o bee sekaleng, mme o etse boima bo ka bang dikilo tse pedi tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ke mmuso. O ne a ye a o kute qetellong ya selemo, o se o entse sehlothohadi, o mo imela.

27. Abosalome a ba le bara ba bararo, le moradi a le mong, ya neng a bitswa Tamare. E ne e le Seilatsatsi.

28. Abosalome a aha Jerusalema ka dilemo tse pedi, empa a se ke a bona kgosi.

29. Yaba Abosalome o bitsa Joabe hore o tlo mo roma ho kgosi, empa Joabe a se ke a tla. A boela a mmitsa lekgetlo la bobedi, empa a nna a hana ho tla.

30. Ka baka leo, Abosalome a re ho bahlanka ba hae: “Le a tseba hore tshimo ya Joabe e pela ya ka, mme o e jetse harese; tsamayang le yo e tjhesa!” Bahlanka ba Absalome ba tjhesa tshimo eo.

31. Joabe a tloha, a ya ho Abosalome, lapeng ha hae, a fihla a re ho yena: “Ke hobaneng ha bahlanka ba hao ba tjhesitse tshimo ya ka?”

32. Abosalome a re ho Joabe: “Bona mona, ke ile ka o bitsa, ka re o tle kwano, ke tlo o roma ho kgosi, o yo re ho yona: <Ke hobaneng ke latilweng Geshure? Ho ka be ho le molemo hoja ke ntse ke le moo.> Jwale a nke ke bone kgosi; haeba ke ena le molato, e mpolaye!”

33. Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o e bolella tsena. Kgosi ya bitsa Abosalome, mme ha a fihla ho kgosi a itihela fatshe ka sefahleho, kapele ho kgosi, mme kgosi ya mo aka.

2 Samuele 14