2 Samuele 14:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. Yaba Joabe o roma leqosa Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale hona teng, mme a re ho mosadi eo: “Ke a o kopa: Iketsise, eke o motho ya llelang mofu, o apare seaparo sa bofifi, mme o se ke wa itlotsa ka ole; o be jwaloka mosadi ya qetileng matsatsi a mangata a llela mofu.

3. Jwale o ye ho kgosi, o yo bua le yona ka mokgwa ona.” Yaba o bolella mosadi eo seo a tla se bua.

4. Mosadi enwa wa Tekowa a ya bua le kgosi. Ha a fihla a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re: “Oho, kgosi, nthuse!”

5. Kgosi ya re ho yena: “O jewa keng?”Mosadi a araba, a re: “Nna ke mosadi wa mohlolohadi. Monna wa ka o shwele.

6. Lekgabunyane la hao le ne le ena le bara ba babedi. Bara bao ba ile ba lwana kwana hara naha, moo ho neng ho se motho ya ka ba namolang. E mong a bata e mong, mme a mmolaya.

7. Jwale lelapa lohle le tsohetse lekgabunyane la hao matla, mme le re: <Neelana ka ya bolaileng ngwanabo, re mmolaye, hobane o bolaile ngwanabo; re be re bolaye le yena mojalefa wa hae.> Ka mokgwa ona ba tla mpolaela ngwana ya seng a ntshaletse, ebe lebitso la monna wa ka le a fela lefatsheng.”

8. Kgosi ya re ho mosadi enwa: “Kgutlela ha hao, mme ke tla fana ka taelo mabapa le wena.”

9. Yaba mosadi enwa wa Tekowa o boela a re ho kgosi: “Oho, monga ka, kgosi, molato ona e be wa ka, le wa lelapa leso; wena, kgosi, le lelapa la hao, le hloke molato.”

2 Samuele 14