2 Samuele 14:13-20 BIBELE (SSO89SO)

13. Mosadi enwa a re: “Ke ka lebaka lang ha o hopolela setjhaba sa Modimo ntho e tjee? Leha kgosi e bua mantswe ana, kgosi e a itswa, hobane ha e eso ka e lata mora wa yona ya phaphathehileng.

14. Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.

15. “Jwale ha e le mona ke tlile ho bua ka taba ena le kgosi, monga ka, ke hobane ke tshositswe ke setjhaba, mme lekgabunyane la hao le ile la re: <Ke tla bua le kgosi, mme mohlomong kgosi e ka phethahatsa kopo ya lekgabunyane la yona.

16. Ka re kgosi e tla mmamela, e namolele lekgabunyane la yona matsohong a motho ya tla re o a le timetsa, a timetse le mora wa lona, naheng eo Modimo a e neileng setjhaba sa hae.>

17. “Jwale lekgabunyane la hao le re: <Ke a o kopa: Lentswe la monga ka, kgosi, le ke le ntshedise. Monga ka, kgosi, o tseba ho hlalohanya bobe le botle, jwaloka lengeloi la Modimo. Morena Modimo wa hao, a ke a be le wena.> ”

18. Kgosi ya araba, ya re ho mosadi eo: “O se ke wa ba wa mpatela ntho efe kapa efe eo ke tla o botsa yona.”Mosadi a re: “Monga ka, kgosi, ha a ke a bue.”

19. Kgosi ya re: “Na Joabe o teng morerong oo?”Mosadi a araba, a re: “Ke hlapanya ka monga ka, ka kgosi e phelang, ha ho kamoo nka latolang kateng seo monga ka, kgosi, a se buileng. Mohlanka wa hao Joabe o ile a ntaela, a re ke tle ke bue mantswe ana wohle.

20. Mohlanka wa hao Joabe o entse hona hore a tle a tle tabeng ena ka lekeke. Empa monga ka o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, mme o tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.”

2 Samuele 14