2 Samuele 14:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Joabe, mora wa Seruya, a bona hore pelo ya kgosi e ngongorehela Abosalome.

2. Yaba Joabe o roma leqosa Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale hona teng, mme a re ho mosadi eo: “Ke a o kopa: Iketsise, eke o motho ya llelang mofu, o apare seaparo sa bofifi, mme o se ke wa itlotsa ka ole; o be jwaloka mosadi ya qetileng matsatsi a mangata a llela mofu.

3. Jwale o ye ho kgosi, o yo bua le yona ka mokgwa ona.” Yaba o bolella mosadi eo seo a tla se bua.

4. Mosadi enwa wa Tekowa a ya bua le kgosi. Ha a fihla a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re: “Oho, kgosi, nthuse!”

5. Kgosi ya re ho yena: “O jewa keng?”Mosadi a araba, a re: “Nna ke mosadi wa mohlolohadi. Monna wa ka o shwele.

6. Lekgabunyane la hao le ne le ena le bara ba babedi. Bara bao ba ile ba lwana kwana hara naha, moo ho neng ho se motho ya ka ba namolang. E mong a bata e mong, mme a mmolaya.

7. Jwale lelapa lohle le tsohetse lekgabunyane la hao matla, mme le re: <Neelana ka ya bolaileng ngwanabo, re mmolaye, hobane o bolaile ngwanabo; re be re bolaye le yena mojalefa wa hae.> Ka mokgwa ona ba tla mpolaela ngwana ya seng a ntshaletse, ebe lebitso la monna wa ka le a fela lefatsheng.”

8. Kgosi ya re ho mosadi enwa: “Kgutlela ha hao, mme ke tla fana ka taelo mabapa le wena.”

9. Yaba mosadi enwa wa Tekowa o boela a re ho kgosi: “Oho, monga ka, kgosi, molato ona e be wa ka, le wa lelapa leso; wena, kgosi, le lelapa la hao, le hloke molato.”

10. Kgosi ya re: “Mang kapa mang ya ka o buisang letho, o mo tlise ho nna, mme a ke ke a hlola a o ama.”

11. Yaba mosadi o re: “Ke a o rapela: E se eka kgosi e ka rapela Morena Modimo wa yona, a thibela mophetetsi wa madi a tsholotsweng, hore a se ke a timetsa mora wa ka.”Kgosi ya re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa mora wa hao, e ke ke ya wela fatshe!”

12. Jwale mosadi a re: “Ke a o rapela: Dumella lekgabunyane la hao le ke le bue lentswenyana ho monga ka, kgosi.”Kgosi ya re: “Bua!”

13. Mosadi enwa a re: “Ke ka lebaka lang ha o hopolela setjhaba sa Modimo ntho e tjee? Leha kgosi e bua mantswe ana, kgosi e a itswa, hobane ha e eso ka e lata mora wa yona ya phaphathehileng.

14. Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.

2 Samuele 14