4. Jonadabe a re ho Amanone: “Ngwana kgosi ya ka, molato keng ha o ntso fella dikobong tjee, ka tsatsi le leng le le leng? Ako mpolelle hle!”Amanone a re ho yena: “Ke rata Tamare, kgaitsedi ya moreso Abosalome.”
5. Jonadabe a re ho yena: “Tsamaya o yo robala, o ikudise; e tle ere ha ntatao a tlilo o hlwela o re ho yena: <Ntate, ke a o kopa: Ere kgaitsedi ya ka Tamare a ke a tle kwano, a tlo ntokisetsa dijo ke ntse ke mo shebile, a nngwathele ka letsoho la hae, ke je.> ”
6. Yaba Amanone o a robala, o a ikudisa. Ha kgosi e tlile ho mmona, Amanone a re ho yona: “Ke a o kopa: Ako re kgaitsedi ya ka Tamare a tle kwano, a tlo nketsetsa dikuku tse seng kae, ke ntse ke mo shebile, mme a mphe tsona ka letsoho la hae, ke je.”
7. Davida a romela molaetsa ho Tamare, lapeng, a re: “Eya ha kgaitsedi ya hao Amanone, o yo mo lokisetsa dijo.”
8. Yaba Tamare o ya ha kgaitsedi ya hae Amanone, mme a fumana a robetse. A nka hlama, a e duba Amanone a ntse a mo shebile, yaba o pheha dikuku.
9. Tamare a tshola pane, a bea dikuku kapele ho Amanone.Empa Amanone a hana ho ja, a re: “Ere banna bohle ba tswe.” Yaba banna bohle ba a tswa.
10. Jwale Amanone a re ho Tamare: “Tlisa dijo ka kamoreng, o mphe tsona ka letsoho la hao, ke je.” Tamare a nka dikuku tseo a di apehileng, mme a di isa ho Amanone, kgaitsedi ya hae, a le ka kamoreng.
11. Yare ha a re o mo nea tsona hore a je, Amanone a mo qhautsa ka letsoho, a re ho yena: “Tlo robale le nna, kgaitsedi ya ka!”
12. Empa Tamare a re ho yena: “Tjhe, kgaitsedi, o se ke wa nqobella, hobane naheng ya Iseraele ha ho etswe tjena. Se ke wa etsa ketso ena e manyala.
13. Nka shebana le batho jwang, ke dihlong? Le wena o tla ba e mong wa banna ba kgopo naheng ya Iseraele. Ka baka lena, ako buisane le kgosi, ke a o kopa, hobane ha e ka ke ya o hanela ka nna.”
14. Empa Amanone a se ke a mo mamela. Kaha a ne a le matla ho feta Tamare, a mmeta, a mo robala.
15. Jwale Amanone a mo hloya haholo, mme lehloyo la hae le ne le feta lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amanone o re ho yena: “Ema, o tsamaye!”
16. Tamare a re ho Amanone: “Tjhe! Ho nteleka jwale ke phoso e kgolo, e mpe le ho feta eo o nkentseng yona.”Empa le mona Amanone a se ke a mo mamela.
17. Yaba o bitsa mohlankana ya mo sebeletsang, o re: “Ntsha mosadi enwa ka mona hona jwale! O mo notlelle kantle!”
18. Mosadi enwa o ne a apere seaparo se mebalabala, hobane baradi ba kgosi, bao e ntseng e le barwetsana, ba ne ba apara jwalo. Mohlanka wa Amanone a ntsha Tamare, a mo notlella kantle.
19. Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo.
20. Yaba Abosalome, kgaitsedi ya Tamare, o re ho yena: “Na kgaitsedi ya hao Amanone, o robetse le wena? Kgutsa hle, kgaitsedi! Amanone ke kgaitsedi ya hao ya lapa le leng. Lebala taba ena.” Ka mokgwa o jwalo, Tamare a dula tlung ya Abosalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile.