28. Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: <Ho yena!> le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”
29. Bahlanka ba Abosalome ba etsa Amanone jwalokaha Abosalome a ba laetse. Bara bohle ba kgosi ba raoha, ba lwabela dimmeile tsa bona, ba baleha.
30. Yare ba sa ntsane ba le tseleng, Davida a behelwa, ha thwe: “Abosalome o bolaile bara bohle ba kgosi, mme ha ho le ya mong wa bona ya setseng.”
31. Jwale kgosi ya ema, ya hahola diaparo tsa yona, ya tjapalla fatshe. Bahlanka bohle ba kgosi ba ema pela kgosi, diaparo tsa bona di hahotswe.
32. Jonadabe, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a bua, a re: “Monga ka a se ke a hopola hore bara bohle ba kgosi ba bolailwe; ke Amanone feela ya bolailweng. Hona ho entswe ka taelo ya Abosalome. O ne a ho rere ho tloha mohla letsatsi leo ka lona kgaitsedi ya hae, Tamare, a neng a betwe ke Amanone.
33. Ka baka lena, monga ka, kgosi e se ke ya itshwenya ka ho nahana hore bara bohle ba yona ba bolailwe, hobane ke Amanone feela ya bolailweng.”
34. Ka nako ena Abosalome o ne a se a balehile. Ha mohlankana wa sebohodi a phahamisa mahlo, a tadima, a bona batho ba bangata ba theosa letswapo, ba etla ka tsela e kamorao ho yena.
35. Jonadabe a re ho kgosi: “Bona, bara ba kgosi ke bana ba fihla! Ho etsahetse feela jwalokaha mohlanka wa hao a boletse.”
36. Hoba a qete ho bua, bara ba kgosi ba fihla, mme ba bokolla haholo. Kgosi le yona, le bahlanka bohle ba yona, ba bokolla haholo.
37. Empa Abosalome a inea naha, a ya ho Talamai, mora wa Amihude, kgosi ya Geshure. Davida yena a llela mora wa hae ka dinako tsohle.
38. Abosalome a fela a inea naha, a ya Geshure, mme a hlola teng dilemo tse tharo.
39. Ha kgosi Davida a se a tetse Amanone, a qala ho hlolohelwa Abosalome.