16. Tamare a re ho Amanone: “Tjhe! Ho nteleka jwale ke phoso e kgolo, e mpe le ho feta eo o nkentseng yona.”Empa le mona Amanone a se ke a mo mamela.
17. Yaba o bitsa mohlankana ya mo sebeletsang, o re: “Ntsha mosadi enwa ka mona hona jwale! O mo notlelle kantle!”
18. Mosadi enwa o ne a apere seaparo se mebalabala, hobane baradi ba kgosi, bao e ntseng e le barwetsana, ba ne ba apara jwalo. Mohlanka wa Amanone a ntsha Tamare, a mo notlella kantle.
19. Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo.
20. Yaba Abosalome, kgaitsedi ya Tamare, o re ho yena: “Na kgaitsedi ya hao Amanone, o robetse le wena? Kgutsa hle, kgaitsedi! Amanone ke kgaitsedi ya hao ya lapa le leng. Lebala taba ena.” Ka mokgwa o jwalo, Tamare a dula tlung ya Abosalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile.
21. Ha kgosi Davida a utlwela ditaba tsena tsohle, a halefa haholo.
22. Abosalome a se ke a hlola a buisana ntho efe kapa efe le Amanone, hobane o ne a hloile Amanone, kaha o ne a ile a beta Tamare, kgaitsedi ya hae.
23. Kamora dilemo tse pedi, Abosalome a etsa letsema la ho kuta dinku mane Baale-Hasore e pela Efraime. Yaba o mema bara bohle ba kgosi,
24. mme a fihla ho kgosi, a re: “Bona, mohlanka wa hao o na le letsema la ho kuta dinku. Ke kopa kgosi hore e ke e ye le bahlanka ba yona, mmoho le nna mohlanka wa hao.”
25. Kgosi ya re ho Abosalome: “Tjhe, ngwanaka, a re se ke ra ya bohle, esere ra tshoha re o imela.” Abosalome a pheella kgosi, empa ya se ke ya ya, ya mpa ya mo hlohonolofatsa.
26. Yaba Abosalome o re: “Haeba o sa ye, ke a kopa: Ere moreso, Amanone, a ye le rona.”Kgosi ya re ho yena: “A ye le wena hobaneng?”
27. Abosalome a nna a pheella Davida ho fihlela a dumella Amanone le bara bohle ba kgosi hore ba ye.
28. Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: <Ho yena!> le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”
29. Bahlanka ba Abosalome ba etsa Amanone jwalokaha Abosalome a ba laetse. Bara bohle ba kgosi ba raoha, ba lwabela dimmeile tsa bona, ba baleha.
30. Yare ba sa ntsane ba le tseleng, Davida a behelwa, ha thwe: “Abosalome o bolaile bara bohle ba kgosi, mme ha ho le ya mong wa bona ya setseng.”
31. Jwale kgosi ya ema, ya hahola diaparo tsa yona, ya tjapalla fatshe. Bahlanka bohle ba kgosi ba ema pela kgosi, diaparo tsa bona di hahotswe.