2 Samuele 13:14-29 BIBELE (SSO89SO)

14. Empa Amanone a se ke a mo mamela. Kaha a ne a le matla ho feta Tamare, a mmeta, a mo robala.

15. Jwale Amanone a mo hloya haholo, mme lehloyo la hae le ne le feta lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amanone o re ho yena: “Ema, o tsamaye!”

16. Tamare a re ho Amanone: “Tjhe! Ho nteleka jwale ke phoso e kgolo, e mpe le ho feta eo o nkentseng yona.”Empa le mona Amanone a se ke a mo mamela.

17. Yaba o bitsa mohlankana ya mo sebeletsang, o re: “Ntsha mosadi enwa ka mona hona jwale! O mo notlelle kantle!”

18. Mosadi enwa o ne a apere seaparo se mebalabala, hobane baradi ba kgosi, bao e ntseng e le barwetsana, ba ne ba apara jwalo. Mohlanka wa Amanone a ntsha Tamare, a mo notlella kantle.

19. Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo.

20. Yaba Abosalome, kgaitsedi ya Tamare, o re ho yena: “Na kgaitsedi ya hao Amanone, o robetse le wena? Kgutsa hle, kgaitsedi! Amanone ke kgaitsedi ya hao ya lapa le leng. Lebala taba ena.” Ka mokgwa o jwalo, Tamare a dula tlung ya Abosalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile.

21. Ha kgosi Davida a utlwela ditaba tsena tsohle, a halefa haholo.

22. Abosalome a se ke a hlola a buisana ntho efe kapa efe le Amanone, hobane o ne a hloile Amanone, kaha o ne a ile a beta Tamare, kgaitsedi ya hae.

23. Kamora dilemo tse pedi, Abosalome a etsa letsema la ho kuta dinku mane Baale-Hasore e pela Efraime. Yaba o mema bara bohle ba kgosi,

24. mme a fihla ho kgosi, a re: “Bona, mohlanka wa hao o na le letsema la ho kuta dinku. Ke kopa kgosi hore e ke e ye le bahlanka ba yona, mmoho le nna mohlanka wa hao.”

25. Kgosi ya re ho Abosalome: “Tjhe, ngwanaka, a re se ke ra ya bohle, esere ra tshoha re o imela.” Abosalome a pheella kgosi, empa ya se ke ya ya, ya mpa ya mo hlohonolofatsa.

26. Yaba Abosalome o re: “Haeba o sa ye, ke a kopa: Ere moreso, Amanone, a ye le rona.”Kgosi ya re ho yena: “A ye le wena hobaneng?”

27. Abosalome a nna a pheella Davida ho fihlela a dumella Amanone le bara bohle ba kgosi hore ba ye.

28. Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: <Ho yena!> le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”

29. Bahlanka ba Abosalome ba etsa Amanone jwalokaha Abosalome a ba laetse. Bara bohle ba kgosi ba raoha, ba lwabela dimmeile tsa bona, ba baleha.

2 Samuele 13