23. Empa jwale ngwana o shwele; nka itima dijo ka lebaka lefe? Na nka boela ka mo kgutlisa? Ke nna ya tla ya ho yena, empa yena a ke ke a tla ho nna.”
24. Davida a tshedisa mosadi wa hae Batesheba. A kena dikobong tsa hae, a robala le yena. Batesheba a tswala mora, mme Davida a mo rea lebitso la Solomone. Morena a rata Solomone.
25. Morena a roma moporofeta Nathane, hore a yo mo reela ngwana eo lebitso la Jedideya.
26. Joabe a futuhela Raba, motse wa Baamone wa bokgosi, mme a o hapa.
27. Yaba o roma maqosa ho Davida, o re: “Ke futuhetse motse wa Raba, ke hapile le didiba tsa wona.
28. Ka baka leo he, kgobokanya bahlabani ba setseng, o tlo etsetsa motse ona thibella, o o hape, esere nna ka o hapa, mme wa reellwa ka nna.”
29. Yaba Davida o kgobokanya bahlabani bohle, o ya Raba, o a e futuhela, o a e hapa.
30. A rodisa kgosi ya motse oo mofapahlooho wa yona wa kgauta, oo boima ba wona e neng e ka ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano. O ne o kgabisitswe ka lehakwe la bohlokwa, mme Davida a ithwesa wona. Davida a tswa motseng oo a haharile kgapo e ngata.
31. A hapa le baahi ba motse oo. A ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe; a ba sebedisa le diboping tse besang setene. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse tjena. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle.