2 Samuele 12:17-23 BIBELE (SSO89SO)

17. Baholo ba ntlo ya hae ba ne ba ye ba tle, ba eme pela hae, hore ba mo phahamise fatshe. Empa a se ke a phahama, le ho ja le bona a se ke a eja.

18. Ka letsatsi la bosupa ngwana a shwa. Bahlanka ba Davida ba tshaba ho mmolella hore ngwana o shwele, hobane ba ne ba re: “Bonang, ha ngwana a ne a sa phela, re ne re ye re bue le yena, ebe ha a re mamele. Ekaba jwale re tla mmolella jwang hore ngwana o shwele? A ka tshoha a intsha kotsi!”

19. Empa Davida a elellwa hore bahlanka ba hae ba ntse ba hwesheletsana, mme a utlwisisa hore ngwana o shwele. Yaba Davida o re ho bahlanka ba hae: “Na ngwana o shwele?”Ba re: “E, o shwele.”

20. Davida a phahama fatshe, a itlhatswa, a itlotsa, a apara diaparo disele, a ya tlung ya Morena, mme a rapela. Jwale a kgutlela tlung ya hae, a kopa dijo, ba mo ngwathela, a ja.

21. Jwale bahlanka ba hae ba re ho yena: “Ke ntho nngwe ee eo o e entseng? Ha ngwana a sa phela o ile wa itima dijo, wa lla, empa jwale ha ngwana a shwele o a phahama, mme o a ja.”

22. Davida a re ho bona: “Ha ngwana a ne a sa phela ke ile ka itima dijo, ka lla, hobane ke ne ke re: <Ke mang ya tsebang haeba mohlomong Morena a ka tshoha a nkgauhela, mme ngwana a phela?>

23. Empa jwale ngwana o shwele; nka itima dijo ka lebaka lefe? Na nka boela ka mo kgutlisa? Ke nna ya tla ya ho yena, empa yena a ke ke a tla ho nna.”

2 Samuele 12