2 Samuele 11:12-21 BIBELE (SSO89SO)

12. Davida a re ho Uriya: “Le kajeno emisa mona, mme hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye.” Ka baka leo, Uriya a hlola Jerusalema letsatsing leo, le le hlahlamang.

13. Davida a mo mema, a fihla a ja, a nwa, mme Davida a mo tahisa. Ka phirimana yona eo, Uriya a ithoballa le bahlanka ba monga hae, empa ha e le tlung ha hae, teng a se ke a ya.

14. Hoseng Davida a ngolla Joabe, mme lengolo leo a le neeletsa Uriya.

15. Lengolong moo Davida o ne a ngotse, a itse: “Bea Uriya kamoo ntwa e leng mahlomafubedu kateng, ebe lona le a tjhetjha, a tle a hlajwe, a shwe.”

16. Ha Joabe a ntse a patetse motse, a isa Uriya thekong eo a tsebang hore ho yona ho eme bahale.

17. Bahlabani ba motse oo ba tswa, ba lwantsha Joabe. Bahlabani ba bang ba Davida ba bolawa; le Uriya wa Mohete le yena a bolawa.

18. Jwale Joabe a romela molaetsa, a tsebisa Davida tsohle tse amanang le ntwa.

19. A laela leqosa, a re: “Ha o qetile ho phetela kgosi tsohle tse amanang le ntwa,

20. eba kgosi e a halefa, e re ho wena: <Ke ka baka lang le ileng la lwanela haufi le motse hakaalo? Na le ne le sa tsebe hore ba tla le fula ka metsu, ba le hodima lerako?

21. Ke mang ya neng a bolaye Abimeleke, mora wa Jerubeshete? Na hase mosadi ya neng a le hodima lerako, ya neng a mmate ka tshilwana, mme Abimeleke a shwella Tebese? Ke hobaneng le ileng la atamela pela lerako hakaalo?> Jwale wena o tle o re ho yena: <Le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe.> ”

2 Samuele 11