11. Uriya a re ho Davida: “Areka e dutse ka tenteng; Baiseraele, le ba morabe wa Juda, le bona ba dutse ka ditenteng; le monga ka Joabe le bahlabani ba monga ka ba hlomme hara naha; jwale nna nka ya lapeng ha ka jwang, ho ya ja, le ho ya nwa, le ho ya robala le mosadi wa ka? Ke hlapanya ka wena, ntho e tjena nke ke ka e etsa!”
12. Davida a re ho Uriya: “Le kajeno emisa mona, mme hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye.” Ka baka leo, Uriya a hlola Jerusalema letsatsing leo, le le hlahlamang.
13. Davida a mo mema, a fihla a ja, a nwa, mme Davida a mo tahisa. Ka phirimana yona eo, Uriya a ithoballa le bahlanka ba monga hae, empa ha e le tlung ha hae, teng a se ke a ya.
14. Hoseng Davida a ngolla Joabe, mme lengolo leo a le neeletsa Uriya.
15. Lengolong moo Davida o ne a ngotse, a itse: “Bea Uriya kamoo ntwa e leng mahlomafubedu kateng, ebe lona le a tjhetjha, a tle a hlajwe, a shwe.”
16. Ha Joabe a ntse a patetse motse, a isa Uriya thekong eo a tsebang hore ho yona ho eme bahale.
17. Bahlabani ba motse oo ba tswa, ba lwantsha Joabe. Bahlabani ba bang ba Davida ba bolawa; le Uriya wa Mohete le yena a bolawa.
18. Jwale Joabe a romela molaetsa, a tsebisa Davida tsohle tse amanang le ntwa.
19. A laela leqosa, a re: “Ha o qetile ho phetela kgosi tsohle tse amanang le ntwa,
20. eba kgosi e a halefa, e re ho wena: <Ke ka baka lang le ileng la lwanela haufi le motse hakaalo? Na le ne le sa tsebe hore ba tla le fula ka metsu, ba le hodima lerako?