1. Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di yeng di futuhe ka yona, Davida a roma Joabe, a ena le balaodi ba hae, le bahlabani bohle ba Baiseraele. Ba timetsa Baamone, ba thibella Raba. Empa Davida yena o ne a setse Jerusalema.
2. Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo.
3. Davida a romela leqosa ho ya botsa hore na mosadi eo ke mang. Leqosa leo la tla le re: “Ke Batesheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uriya wa Mohete.”
4. Davida a romela maqosa ho ya mo lata. Mosadi eo a tla, mme Davida a robala le yena. Mosadi enwa o ne a sa tswa hlatswa lehatlelo la hae. Kamora moo, mosadi a kgutlela ha hae.
5. Mosadi eo a ithwala; yaba o romela molaetsa ho Davida, o re: “Ke ithwetse.”
6. Davida a romela molaetsa ho Joabe, a re: “Ere Uriya wa Mohete a ke a tle kwano.” Joabe a romela Uriya ho Davida.
7. Ha Uriya a fihla ho yena, Davida a mmotsa hore na Joabe o phela jwang le mabotho, le hore na ntwa e tsamaya jwang.
8. Davida a re ho Uriya: “Eya lapeng, o yo phomola.” Uriya a tswa ka tlung ya bokgosi, mme kgosi ya mo romela dijo tse ngata.
9. Empa Uriya a ithoballa monyakong wa ntlo ya bokgosi, a ena le bahlanka bohle ba kgosi, a se ke a ya ha hae.
10. Davida a bolellwa, ha thwe: “Uriya ha a a ka a ya lapeng.”Yaba Davida o re ho Uriya: “Ha ke re o tswa leetong? Jwale ke hobaneng o sa kang wa ya lapeng ha hao?”
11. Uriya a re ho Davida: “Areka e dutse ka tenteng; Baiseraele, le ba morabe wa Juda, le bona ba dutse ka ditenteng; le monga ka Joabe le bahlabani ba monga ka ba hlomme hara naha; jwale nna nka ya lapeng ha ka jwang, ho ya ja, le ho ya nwa, le ho ya robala le mosadi wa ka? Ke hlapanya ka wena, ntho e tjena nke ke ka e etsa!”
12. Davida a re ho Uriya: “Le kajeno emisa mona, mme hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye.” Ka baka leo, Uriya a hlola Jerusalema letsatsing leo, le le hlahlamang.