4. Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu tsa mohlaare o mong, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye.
5. Hoba Davida a bolellwe taba ena, a re ba yo kgahlanyetswa, hobane bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”
6. Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.
7. Ha Davida a utlwa taba ena, a romela Joabe le lebotho lohle la bahlabani.
8. Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kgorong ya motse. Baarame ba tswang Soba, le ba tswang Rehobe, le banna ba tswang Tobe le Maaka, bona ba ne ba le naheng ba le bang.
9. Ha Joabe a bona hore ba direng ba mo hlahile kapele le kamorao, a kgetha mokgetho hara bahale bohle ba Baiseraele, a o emisa ka theko, wa thulana le Baarame.
10. Bahlabani ba bang bona a ba bea tlasa taolo ya ngwanabo, Abishai, le bona ba thea theko, ba thulana le Baamone.
11. Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le wena, haeba o ka imelwa ke Baamone, ke tla o thusetsa.
12. Tiisa matla, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona ka sebete. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”