11. Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le wena, haeba o ka imelwa ke Baamone, ke tla o thusetsa.
12. Tiisa matla, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona ka sebete. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”
13. Jwale Joabe le bahlabani ba neng ba ena le yena ba atamela thekong ya ntwa, mme ditheko tsa kopana. Baarame ba ba baleha.
14. Ha Baamone ba bona hore Baarame ba balehile, le bona ba baleha Abishai, ba ba ba ya kena motseng. Jwale Joabe a kgaotsa ho ba phaladisa, a kgutlela Jerusalema.
15. Ha Baarame ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba boela ba kgobokanya mabotho.
16. Hadade-Esere a laela hore ho latwe Baarame ba neng ba le kamose wane ho Noka. Baarame bao ba fihla Helame, ba ena le Shobake, molaodi wa mabotho a Hadade-Esere, a ba eteletse pele.
17. Ha Davida a tsebiswa hona, a kgobokanya bahlabani bohle ba Baiseraele, a tshela Jorodane, a fihla Helame. Baarame ba thea theko ya ntwa, ba lwantsha Davida.
18. Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba makgolo a supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba dikete tse mashome a mane ba palamang dipere. A bolaya le Shobake, molaodi wa mabotho a bona, mme a shwela hona moo.
19. Ha dikgosi tsohle tse buswang ke Hadade-Esere di bona hore Baiseraele ba di hlotse, tsa etsa kgotso le bona, tsa ba sebeletsa.Ka baka leo, Baarame ba tshaba ho nna ba thusetsa Baamone.