2 Samuele 1:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Yaba mohlankana ya mmehelang ditaba o re: “Ke ile ka wela Saule hodima thaba ya Gileboa a itshetlehile ka lerumo la hae, mme ka bona dikariki tsa ntwa le bahlabani ba dipere ba mo peteditse habohloko.

7. Ha a hetla a mpona, yaba o a mpitsa, mme nna ka re: <Ke nna enwa!>

8. “A re ho nna: <O mang?>“Yaba ke re ho yena: <Ke Moamaleke.>

9. “Yena a re ho nna: <Ke a o rapela: Tloo kwano, o nqetele. Ke tshwerwe ke ditlokotsi tsa lefu, le hoja ke sa ntsane ke phefumoloha.>

10. “Yaba ke ya ho yena, ke a mo qetela, hobane ke ne ke tseba hore ha a ewa a ke ke a hlola a phela. Ka nka mofaphahlooho oo a neng a o rwetse, le sepetja se neng se le letsohong la hae, mme ke di tlisitse mona ho wena, monga ka.”

11. Yaba Davida o tshwara diaparo tsa hae, wa di tabola. Le banna bohle ba neng ba ena le yena ba etsa jwalo.

12. Ba hlomoha, ba lla, ba itima dijo ho fihlela ka phirimana, ka baka la Saule le mora wa hae Jonathane, le setjhaba sa Morena, le ntlo ya Iseraele, hobane ba ne ba bolailwe ka sabole.

2 Samuele 1