2. Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.
3. Davida a re ho yena: “O tswa kae?”Monna eo a re ho Davida: “Ke e mong wa bahlabani ba Baiseraele ya phonyohileng.”
4. Davida a re ho yena: “Ho etsahetseng? Ako mpolelle!”Eo a re: “Bahlabani ba balehile ntweng, mme ba bangata ba bona ba bolailwe. Bo-Saule le mora wa hae Jonathane le bona ba bolailwe.”
5. Davida a re ho mohlankana ya mmehelang ditaba tsena: “O tseba jwang hore bo-Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele?”
6. Yaba mohlankana ya mmehelang ditaba o re: “Ke ile ka wela Saule hodima thaba ya Gileboa a itshetlehile ka lerumo la hae, mme ka bona dikariki tsa ntwa le bahlabani ba dipere ba mo peteditse habohloko.