2 Samuele 1:13-22 BIBELE (SSO89SO)

13. Davida a re ho mohlankana ya mmehetseng ditaba: “O wa hokae?”Mohlankana a araba, a re: “Ke mora wa monna wa Moamaleke ya jakileng mona.”

14. Davida a re ho yena: “Ha o a ka wa utlwa o tshaba ho phahamisa letsoho la hao, o bolaya motlotsuwa wa Morena?”

15. Davida a bitsa e mong wa bahlankana, a re ho yena: “Tloo o mmolaye!” Eo a mo phehletsa, a shwa.

16. Yaba Davida o re ho mmolauwa: “Ke wena ya ipolaileng, hobane o boletse ka molomo wa hao, wa re: <Ke bolaile motlotsuwa wa Morena!> ”

17. Jwale Davida a bina kodi-ya-malla ena e llelang Saule le mora wa hae Jonathane.

18. E ngotswe bukeng ya Jashare, mme Davida o ile a laela hore e rutwe bana ba Juda.

19. “Kgabane ya hao, wena Iseraele,e bolaetswe hodima thaba tsa hao;bona kamoodinatla di weleng kateng!

20. “Le se ke le e bolela Gate,le se e phatlalatseterateng tsa Ashekelone,esere baradi ba Bafilesitaba nyakalla,baradi ba maqai ba didietsa.

21. “Lona, thaba tsa Gileboa,le se lalwe ke phoka,la nelwa ke pula;masimo a lona a fetohe matswatlare,hoba thebe tsa dinatladi silafaditswe,thebe ya Saule ha e sa tla tlotswa,ya tlotswa ka ole!

22. Metsu ya Jonathane e ne e nepa,sabole ya Saule e sa kgutle e benya,di enwa madi a babolauwa,di tlola mafura a bahlabani.

2 Samuele 1