2 Samuele 1:12-27 BIBELE (SSO89SO)

12. Ba hlomoha, ba lla, ba itima dijo ho fihlela ka phirimana, ka baka la Saule le mora wa hae Jonathane, le setjhaba sa Morena, le ntlo ya Iseraele, hobane ba ne ba bolailwe ka sabole.

13. Davida a re ho mohlankana ya mmehetseng ditaba: “O wa hokae?”Mohlankana a araba, a re: “Ke mora wa monna wa Moamaleke ya jakileng mona.”

14. Davida a re ho yena: “Ha o a ka wa utlwa o tshaba ho phahamisa letsoho la hao, o bolaya motlotsuwa wa Morena?”

15. Davida a bitsa e mong wa bahlankana, a re ho yena: “Tloo o mmolaye!” Eo a mo phehletsa, a shwa.

16. Yaba Davida o re ho mmolauwa: “Ke wena ya ipolaileng, hobane o boletse ka molomo wa hao, wa re: <Ke bolaile motlotsuwa wa Morena!> ”

17. Jwale Davida a bina kodi-ya-malla ena e llelang Saule le mora wa hae Jonathane.

18. E ngotswe bukeng ya Jashare, mme Davida o ile a laela hore e rutwe bana ba Juda.

19. “Kgabane ya hao, wena Iseraele,e bolaetswe hodima thaba tsa hao;bona kamoodinatla di weleng kateng!

20. “Le se ke le e bolela Gate,le se e phatlalatseterateng tsa Ashekelone,esere baradi ba Bafilesitaba nyakalla,baradi ba maqai ba didietsa.

21. “Lona, thaba tsa Gileboa,le se lalwe ke phoka,la nelwa ke pula;masimo a lona a fetohe matswatlare,hoba thebe tsa dinatladi silafaditswe,thebe ya Saule ha e sa tla tlotswa,ya tlotswa ka ole!

22. Metsu ya Jonathane e ne e nepa,sabole ya Saule e sa kgutle e benya,di enwa madi a babolauwa,di tlola mafura a bahlabani.

23. “Saule le Jonathane,dikgabane le baratehi,ha ba a arohanaha ba phela leha ba shwele;belo la bona le ne le feta la ntsu,matla a bona a feta a lekakuba.

24. “Lona, baradi ba Iseraele,llelang Saule!O le apesitse masela a mafubedu,a le apesa le mekgabiso,a homa aparo tsa lonaka mabenyane a kgauta.

25. “Bona kamoo dinatla di weleng,di weleng thekong ya ntwa!Jonathane o bolailwe,o bolaetswe thabeng tsa hao!

26. Jonathane, moreso,ke pelotlhomohi ka wena,ho nna o no rateha hakaakang!Rato la hao ho nna e ne le mohlolo,le la basadi le a shaitsa.

27. “Bona kamoodinatla di weleng kateng!Kamoo hlomo tsa ntwadi setseng swalabahla!”

2 Samuele 1