2 Petrose 1:16-21 BIBELE (SSO89SO)

16. Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae.

17. O ne a amohele hlompho le tlotla e tswang ho Modimo Ntate, ha lentswe le tswang boholong bo tlotlehang ba Modimo, le re: “Enwa ke Mora wa ke eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”

18. Lentswe lena ra na ra le utlwa le etswa lehodimong, re ena le yena thabeng e halalelang.

19. Re bile re na le lentswe la baporofeta, le tshepahalang haholo, leo e ka bang hantle hore le le ele hloko, hobane le jwaloka lebone le kganyang lefifing, ho fihlela mesong ya Letsatsi lela, mohla Mphatlalatsane e tjhabelang dipelong tsa lona.

20. Empa tsebang sena pele: Ha ho ya ka hlalosang boporofeta bo Mangolong a halalelang ka boyena feela,

21. hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.

2 Petrose 1