2 Petrose 1:11-17 BIBELE (SSO89SO)

11. Ka mokgwa o jwalo le tla newa tokelo e tletseng ya ho kena Mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona.

12. Ke ka baka lena, ke ikemiseditseng ho le hopotsa dintho tsena kamehla, le hoja le di tseba, le bile le tiisitswe nneteng eo le seng le ena le yona.

13. Ke fumana ho lokela hore, ha ke sa ntsane ke phela, ke nne ke le tsose ka ho le hopotsa,

14. hobane ke a tseba hore haufinyane ke tla falla bophelong bona, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a ntsebisitse.

15. Hape ke tla leka kahohle hore, ha ke se ke faletse, le tle le nne le hopole dithuto tsena kamehla.

16. Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae.

17. O ne a amohele hlompho le tlotla e tswang ho Modimo Ntate, ha lentswe le tswang boholong bo tlotlehang ba Modimo, le re: “Enwa ke Mora wa ke eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”

2 Petrose 1