1. Nna Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa ba amohetseng tumelo ya bohlokwa jwaloka rona, ka baka la ho loka ha Jesu Kreste, Modimo le Mopholosi wa rona, ke re:
2. Le ke le ekeletswe mohau le kgotso ka ho tseba Modimo le Jesu, Morena wa rona.
3. Matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka ho re fa tsebo e tletseng ya ya re bitsitseng ka tlotla ya hae le ka matla a hae.
4. Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.
5. Ka baka lena, lekang ka matla ho eketsa tse kgabane tumelong ya lona, le eketse tsebo, ho tse kgabane tsa lona,
6. mme tsebong ya lona le eketse boitshwaro, boitshwarong le eketse mamello, mamellong le eketse borapedi,
7. borapeding le eketse setswalle sa boena, mme setswalleng sa boena le eketse lerato.
8. Ha le ena le tsena ka bongata, ha le sa tla ba batho ba se nang thuso, ba nyopileng tsebong ya Morena wa rona Jesu Kreste.
9. Ya se nang tsena ke sefofu se phopholetsang lefifing, ebile o lebetse le hore nakong e fetileng o ile a hlatsuwa dibe tsa hae.
10. Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong.
11. Ka mokgwa o jwalo le tla newa tokelo e tletseng ya ho kena Mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona.
12. Ke ka baka lena, ke ikemiseditseng ho le hopotsa dintho tsena kamehla, le hoja le di tseba, le bile le tiisitswe nneteng eo le seng le ena le yona.
13. Ke fumana ho lokela hore, ha ke sa ntsane ke phela, ke nne ke le tsose ka ho le hopotsa,
14. hobane ke a tseba hore haufinyane ke tla falla bophelong bona, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a ntsebisitse.
15. Hape ke tla leka kahohle hore, ha ke se ke faletse, le tle le nne le hopole dithuto tsena kamehla.
16. Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae.