2 Johanne 1:2-7 BIBELE (SSO89SO)

2. Ke ba rata ka baka la nnete e ka ho rona, e tla nne e be ka ho rona kamehla yohle.

3. Ke re: Mohau, le lereko, le kgotso ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, di ke di be le lona ka nnete le ka lerato.

4. Ke ile ka itumela haholo, hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.

5. Jwale ke a o kopa, mofumahadi, ke re a re rataneng. Ka ho rialo ha ke o ngolle taelo e ntjha, empa ke taelo eo re bileng le yona ho tloha tshimolohong.

6. Seo lerato le leng sona ke hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo eo esaleng le e utlwa ho tloha tshimolohong ke hore le phele ka lerato.

7. Hohle lefatsheng ho tletse bathetsi, ba sa pakeng hore Jesu o ile a tla e le motho. Ya buang jwalo ke yena mothetsi le Sera sa Kreste.

2 Johanne 1