1. Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa mofumahadi ya kgethilweng, le bana ba hae, bao ke ba ratang kannete. Ha ba ratwe ke nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebang nnete.
2. Ke ba rata ka baka la nnete e ka ho rona, e tla nne e be ka ho rona kamehla yohle.
3. Ke re: Mohau, le lereko, le kgotso ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, di ke di be le lona ka nnete le ka lerato.
4. Ke ile ka itumela haholo, hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.