7. O bolaye ba lelapa la monga hao Akabe, e le hore ke phetetse madi a bahlanka ba ka, baporofeta, le madi a bahlanka bohle ba Morena, ba bolailweng ke Jesabele.
8. Lelapa lohle la Akabe le tla timetswa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Akabe, ba ntseng ba phela naheng ya Iseraele, ebang ke makgoba kapa hase makgoba.
9. Lelapa la Akabe ke tla le etsa seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le seo ke neng ke se etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya.
10. Dintja di tla jella setopo sa Jesabele tshimong ya Jesereele, mme ha ho ya tla mo epela.> ” Yaba o bula monyako, o a baleha.
11. Jwale Jehu a tswa, a ya ho bahlanka ba monga hae. E mong a re ho yena: “Molato keng? Lehlanya lee le tlile ho wena ka dife?”Jehu a re ho bona: “Le ntse le mo tseba, le dipuo tsa hae le a di tseba.”
12. Yaba ba re: “Ha re di tsebe. O ne a reng?”Jehu a re: “O buile dintho tse ngata, a ba a re: <Morena o bua tjena, o re: Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.> ”
13. Yaba banna bohle ba hlobola diaparo tsa bona ka potlako, ba mo alla tsona hodima mehato e nyolohang, ba letsa manaka, ba re: “Jehu ke kgosi!”
14. Jwale Jehu, mora wa Jehoshafate, setloholo sa Nimeshi, a rera Jorame. Ka nako ena bo-Jorame le Baiseraele bohle ba ne ba lebetse motse wa Rama e Gileade, hore Hasaele, kgosi ya Arame a se ke a o hapa.
15. Empa kgosi Jorame yena o ne a kgutletse Jesereele ho ya ikoka maqeba ao a neng a a ntshitswe ke Baarame, ha a ne a lwana le Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Jehu o re: “Haeba le dumela jwalo, hlokomelang hore ho se be motho ya ka nyenyelepang, a tswa motseng mona, a ya bolela taba ena kwana Jesereele.”
16. Jehu a palama kariki ya hae ya ntwa, a ya Jesereele, moo Jorame a neng a ntse a ikokela teng. Akasiya, kgosi ya Juda, le yena o ne a theohetse Jesereele ho ya hlwela Jorame.
17. Sebohodi se ne se eme hodima tora ya Jesereele. Ha se bona sehlopha sa Jehu se ntse se etla, sa re: “Hlopha sa batho ke sane!”Jorame a re: “Ere monna a palame pere, a yo se kgahlanyetsa, mme a fihle a re ho sona: <Na le tla ka kgotso?> ”