6. Jehu a ema, a kena ka tlung; mohlankana a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya setjhaba sa Morena, e leng sa Iseraele.
7. O bolaye ba lelapa la monga hao Akabe, e le hore ke phetetse madi a bahlanka ba ka, baporofeta, le madi a bahlanka bohle ba Morena, ba bolailweng ke Jesabele.
8. Lelapa lohle la Akabe le tla timetswa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Akabe, ba ntseng ba phela naheng ya Iseraele, ebang ke makgoba kapa hase makgoba.