24. Jehu a hula seqha sa hae ka matla a hae kaofela, a fula Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa ya tswa pelong, mme a re sihla! ka kariking ya hae ya ntwa.
25. Yaba Jehu o re ho Bidekare, molaodi wa mabotho a hae: “Mo nke, o mo lahlele hara tshimo eno ya Nabote wa Mojesereele! Hopola mohla rona le wena re neng re palame le Akabe, ntatae. Morena o ne a mo ahlole ka mantswe ana, a re:
26. <Ruri, maobane ke bone madi a Nabote, le madi a bara ba hae,> ho rialo Morena: <Ke tla a phetetsa ka ho sebedisa wena, hona tshimong ena,> ho rialo Morena. Ka baka lena he, mo nke, o mo lahlele hara tshimo, ho ya ka polelo eo ya Morena.”
27. Ha Akasiya, kgosi ya Juda, a bona hona, a baleha ka tsela e lebang Bethekane. Jehu a mo salama, a re: “Le yena enwa mo fulelleng ka kariking ya hae ya ntwa!” Ba mo fula ha a le moepeng o nyolohelang Gure, haufi le Jibeleame. Akasiya a balehela Megido, a ya shwela teng.
28. Bahlanka ba hae ba mo nka ka kariki ya ntwa, ba mo isa Jerusalema, ba mo epela lebitleng la hae, ho bo-ntatae, Motseng wa Davida.
29. Akasiya o ne a ile a qala ho busa Juda ha Jorame, mora wa Akabe, a tshwere selemo sa leshome le motso o mong a busa.
30. Ha Jehu a se a fihlile Jesereele, Jesabele a utlwela taba ena. Yaba o roma mahlo a hae ka pilo, o kgabisa moriri wa hae, o hlaha ka fesetere o tadima kantle.
31. Yare ha Jehu a kena ka kgoro ya motse, Jesabele a re: “Na o tla ka kgotso, wena Simeri, mmolai wa monga hao?”
32. Jehu a tadima fesetereng, a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?” Yaba basebeletsi ba babedi kapa ba bararo ba a mo tadima.
33. A re ho bona: “Mo lahleleng fatshe!” Ba mo lahlela fatshe. Madi a mang a hae a qaphaletsa lerako, le dipere, mme kariki ya ntwa le dipere tsa mo kgobotlela ka ditlhako.
34. Ha Jehu a se a kene, a fihla a ja, a nwa, a nto re: “Tsamayang, le yo nka mosadi eno ya rohakehileng, le mo epele, hobane ke moradi wa kgosi!”