14. Jwale Jehu, mora wa Jehoshafate, setloholo sa Nimeshi, a rera Jorame. Ka nako ena bo-Jorame le Baiseraele bohle ba ne ba lebetse motse wa Rama e Gileade, hore Hasaele, kgosi ya Arame a se ke a o hapa.
15. Empa kgosi Jorame yena o ne a kgutletse Jesereele ho ya ikoka maqeba ao a neng a a ntshitswe ke Baarame, ha a ne a lwana le Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Jehu o re: “Haeba le dumela jwalo, hlokomelang hore ho se be motho ya ka nyenyelepang, a tswa motseng mona, a ya bolela taba ena kwana Jesereele.”
16. Jehu a palama kariki ya hae ya ntwa, a ya Jesereele, moo Jorame a neng a ntse a ikokela teng. Akasiya, kgosi ya Juda, le yena o ne a theohetse Jesereele ho ya hlwela Jorame.
17. Sebohodi se ne se eme hodima tora ya Jesereele. Ha se bona sehlopha sa Jehu se ntse se etla, sa re: “Hlopha sa batho ke sane!”Jorame a re: “Ere monna a palame pere, a yo se kgahlanyetsa, mme a fihle a re ho sona: <Na le tla ka kgotso?> ”
18. Yaba monna e mong o palama pere, o ya kgahlanyetsa Jehu, mme a fihla a re ho yena: “Kgosi e re: <Na le tla ka kgotso?> ”Jehu a re: “O ntso re kgotso? Ntshale morao!”Sebohodi sa bua, sa re: “Moromuwa o fihlile ho bona, empa ha a bonahale ho kgutla.”
19. Yaba Jorame o roma monna wa bobedi ya palameng pere. Eo ha a fihla ho bona, a re: “Kgosi e re: <Na le tla ka kgotso?> ”Jehu a re: “O ntso re kgotso? Ntshale morao!”