25. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a qala ho busa.
26. Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri, kgosi ya Iseraele.
27. Kahobane e ne e le mokgwenyana wa lelapa la Akabe, a tsamaya mehlaleng ya lelapa leo la Akabe; a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa.
28. Bo-kgosi Akasiya le kgosi Jorame, mora wa Akabe, ba ya lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame, a le Rama e Gileade. Baarame ba ntsha Jorame dikotsi.
29. Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ke Baarame ha ba le Rama, moo ba neng ba lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame.Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula.