10. Elisha a re ho yena: “Tsamaya, o yo mmolella hore o ne a ka nna a fola; leha ho le jwalo, Morena o mpontshitse hore o tla shwa.”
11. Moporofeta wa Modimo a sitlolela Hasaele mahlo, ho fihlela a ba a hlajwa ke dihlong, mme yaba moporofeta wa Modimo o a lla.
12. Yaba Hasaele o re: “O llelang, monga ka?”Elisha a araba, a re: “Ke hobane ke tseba sehloho seo o tla se etsetsa bana ba Iseraele. O tla tjhesa diqhobosheane tsa bona ka mollo, o bolaye bahlankana ba bona ka sabole. Masea a bona o tla a pshatlanya fatshe, baimana ba bona o ba phatlole dimpa.”
13. Hasaele a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ntja e tjee, nka etsa ntho e kgolo hakaalo?”Elisha a mo araba, a re: “Morena o mpontshitse hore wena o tla ba kgosi ya Arame.”
14. Hasaele a tloha ho Elisha, a fihla ho monga hae. Monga hae a mmotsa, a re: “Elisha o itseng ho wena?”Hasaele a araba, a re: “O mpolelletse hore ruri o tla fola.”
15. Ka letsatsi le hlahlamang, Hasaele a nka lesela le morumo, a le ina metsing, a bipetsa Bene-Hadade ka lona, yaba wa shwa. Hasaele ya eba kgosi sebakeng sa Bene-Hadade.
16. Ka selemo sa bohlano, sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda, a qala ho busa.
17. Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robedi, a le Jerusalema.
18. Kahobane mosadi wa hae e ne e le moradi wa Akabe, a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsohle tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, mme a etsa bobe mahlong a Morena.
19. Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa mmuso wa Juda ka baka la Davida, mohlanka wa hae, hobane a ne a mo tshepise hore yena, le ditloholo tsa hae, ba tla busa kamehla.
20. Ka nako eo Jehorame a neng a busa ka yona, Baedomo ba mo fetohela, ba itokolla pusong ya Juda, mme ba ikgethela kgosi.
21. Yaba Jehorame o nka dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, o tshelela Saire, Baedomo ba mo etsetsa sakana-la-nkope. A tsoha hara bosiu, a ena le balaodi ba dikariki tsa ntwa, a phunyeletsa theko ya Baedomo, mme bahlabani ba hae ba balehela ditenteng tsa bona.
22. Haesale Baedomo ba itokolla pusong ya Juda, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ka yona nako eo, Lebena le yona ya fetohela Juda.
23. Diketso tse ding tsa Jehorame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.
24. Jehorame a shwa, a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.