1. Elisha o ne a ile a laela mosadi eo a neng a ile a tsosa mora wa hae bafung, a re: “Ema, o tsamaye, o falle le ba lelapa la hao, o yo jaka moo o ka jakang teng, hobane Morena o laotse hore tlala e be teng ka dilemo tse supileng.”
2. Mosadi eo a ema, a etsa kamoo moporofeta wa Modimo a buileng kateng. A tloha le ba lelapa la hae, a ya jaka naheng ya Bafilesita ka dilemo tse supileng.
3. Ha dilemo tse supileng di se di fetile, mosadi eo a kgutla naheng ya Bafilesita. A ya ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae.
4. Kgosi e ne e ntse e buisana le Gehasi, mohlanka wa moporofeta wa Modimo, a re: “Ke a o rapela: Ako mpolelle dintho tsohle tse kgolo, tseo Elisha a di entseng.”
5. Yare a sa ntsane a bolella kgosi kamoo Elisha a neng a tsose motho bafung kateng, mosadi eo mora wa hae a neng a tsoswe bafung a fihla, a ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae.Yaba Gehasi o re: “Monga ka, kgosi ya ka, mosadi eo ke yena enwa, le enwa ke yena mora wa hae, eo Elisha a neng a mo tsose bafung.”