2 Dikgosi 8:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Elisha o ne a ile a laela mosadi eo a neng a ile a tsosa mora wa hae bafung, a re: “Ema, o tsamaye, o falle le ba lelapa la hao, o yo jaka moo o ka jakang teng, hobane Morena o laotse hore tlala e be teng ka dilemo tse supileng.”

2. Mosadi eo a ema, a etsa kamoo moporofeta wa Modimo a buileng kateng. A tloha le ba lelapa la hae, a ya jaka naheng ya Bafilesita ka dilemo tse supileng.

3. Ha dilemo tse supileng di se di fetile, mosadi eo a kgutla naheng ya Bafilesita. A ya ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae.

4. Kgosi e ne e ntse e buisana le Gehasi, mohlanka wa moporofeta wa Modimo, a re: “Ke a o rapela: Ako mpolelle dintho tsohle tse kgolo, tseo Elisha a di entseng.”

5. Yare a sa ntsane a bolella kgosi kamoo Elisha a neng a tsose motho bafung kateng, mosadi eo mora wa hae a neng a tsoswe bafung a fihla, a ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae.Yaba Gehasi o re: “Monga ka, kgosi ya ka, mosadi eo ke yena enwa, le enwa ke yena mora wa hae, eo Elisha a neng a mo tsose bafung.”

6. Ha kgosi e botsa mosadi eo, le yena a e bolella jwalo. Yaba kgosi e laela mohlanka e mong, e re ho yena: “Mmuseletse tsohle tseo e neng e le tsa hae, le tsohle tse ileng tsa kotulwa tshimong ya hae, ho qala mohla a neng a tloha naheng ena, ho fihlela jwale.”

7. Ha Elisha a fihla Damaseka, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o ne a kula. Ha tsebiswa kgosi, ha thwe: “Moporofeta wa Modimo o fihlile mona.”

8. Kgosi ya re ho Hasaele: “Nka mpho, o yo e nea moporofeta eo wa Modimo, mme a mpotsetse Morena, hore na ke tla fola.”

9. Hasaele a ya ho moporofeta, a mo isetsa mpho ya dintho tsohle tse ntle, tsa Damaseka: E le diphahlo tse bofilweng dikameleng tse mashome a mahlano. Hasaele a fihla a ema kapele ho moporofeta, a re: “Mora wa hao, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o nthomile ho wena, o re: <Na ke tla fola?> ”

10. Elisha a re ho yena: “Tsamaya, o yo mmolella hore o ne a ka nna a fola; leha ho le jwalo, Morena o mpontshitse hore o tla shwa.”

11. Moporofeta wa Modimo a sitlolela Hasaele mahlo, ho fihlela a ba a hlajwa ke dihlong, mme yaba moporofeta wa Modimo o a lla.

2 Dikgosi 8