2 Dikgosi 7:9-15 BIBELE (SSO89SO)

9. Yaba ba a buisana, ba re: “Kwana ha re etse hantle. Letsatsi lena ke letsatsi la ditaba tse monate, empa ha re eso bolelle motho. Haeba re ka dieha ho bolela, bosiu ba ba ba esa, re tla hlahelwa ke tsietsi. Ka baka lena, a re yeng, re yo bolella ba lelapa la kgosi.”

10. Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.”

11. Molebedi eo a bitsa balebedi ba bang, mme ba ya bolella lelapa la kgosi.

12. Kgosi ya tsoha hara bosiu, ya re ho bahlanka ba yona: “Jwale ke tla le bolella seo Baarame ba re entseng sona. Ba a tseba hore re a lapa; ka baka leo, ba tlohile diahelong tsa bona, ba ya ipata hara naha, ba re: <Etlare ha ba etswa motseng re ba tshware ba ntse ba phela, ebe re kena motseng.> ”

13. Empa e mong wa bahlanka ba kgosi a araba, a re: “Ereng ba bang ba palame dipere tse hlano tsa tseno tse ntseng di setse mona motseng, re ba rome, ba yo bona se etsahetseng. Haeba ba ka phela, ba tla tshwana le Baiseraele ba bang ba ntseng ba phela; le teng haeba ba eshwa, ba tla nne ba tshwane le Baiseraele bohle ba seng ba shwele.”

14. Yaba ba pana dikariki tse pedi tsa ntwa, kgosi ya ba romela lebothong la Baarame, ya re: “Eyang, le yo bona.”

15. Ba ba sala morao ho ya fihla Jorodane. Ba fumana diaparo, le dijana tseo Baarame ba ileng ba di lahla ha ba baleha, di entse mohoula tseleng. Maqosa a kgutla, a fihla a bolella kgosi.

2 Dikgosi 7