2 Dikgosi 7:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!”Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”

3. Ho ne ho ena le banna ba bane, ba tshwerweng ke lepera, ba dutse kgorong ya motse. Banna bao ba buisana, ba re: “Na re tla dula moo ho fihlela re eshwa?

4. Ha re ka re: <Re tla kena ka motseng,> tlala e teng ka motseng, re tla shwela teng. Le teng ha re dula mona, re tla nne re shwe. Ka baka lena tloong, re itahleleng hara lebotho la Baarame. Haeba lebotho leo le ka re pholosa, re tla phela; le teng haeba le re bolaya, re tla nne re shwe!”

5. Ka shwalane banna bao ba ema, ba ya diahelong tsa Baarame. Ha ba fihla qetheng ya diahelo tsa Baarame, ba fumana ho se na motho.

6. Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”

7. Ka baka leo, ha shwalane e tshwara, ba baleha, ba siya ditente tsa bona, le dipere tsa bona, le ditonki tsa bona hona moo. Diahelo tsa sala di ntse di le jwalo, ba baleha hore ba ipholose.

8. Ha balepera bana ba fihla qetheng ya diahelo, ba kena ka tenteng e nngwe; ba fihla ba eja, ba enwa, ba nka silefera, le kgauta, le diaparo, ba tsamaya, ba ya pata dintho tsena. Ba kgutlela diahelong hape, ba kena ka tenteng e nngwe hape, le teng ba thotha, ba ya pata.

9. Yaba ba a buisana, ba re: “Kwana ha re etse hantle. Letsatsi lena ke letsatsi la ditaba tse monate, empa ha re eso bolelle motho. Haeba re ka dieha ho bolela, bosiu ba ba ba esa, re tla hlahelwa ke tsietsi. Ka baka lena, a re yeng, re yo bolella ba lelapa la kgosi.”

2 Dikgosi 7