2 Dikgosi 7:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. Yaba ba pana dikariki tse pedi tsa ntwa, kgosi ya ba romela lebothong la Baarame, ya re: “Eyang, le yo bona.”

15. Ba ba sala morao ho ya fihla Jorodane. Ba fumana diaparo, le dijana tseo Baarame ba ileng ba di lahla ha ba baleha, di entse mohoula tseleng. Maqosa a kgutla, a fihla a bolella kgosi.

16. Yaba setjhaba se tswa motseng, se ya hahara tse ka ditenteng tsa Baarame. Ka baka lena, dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng ya koro, tsa rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese tsa rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.

17. Kgosi e ne e ile ya kgetha lehosana leo e neng e itshetlehile letsohong la lona, hore e be molaodi wa kgoro ya motse. Jwale setjhaba sa le hatakella moo kgorong, la ba la eshwa, jwalokaha moporofeta wa Modimo a ne a ile a bolela, ha kgosi e ne e theohela ho yena.

18. Ha fela ha eba jwalokaha moporofeta wa Modimo a ne a ile a bolella kgosi, a re: “Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di tla rekwa ka tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng ya koro di rekwe ka tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.”

19. Empa lehosana leo le ne le ile la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha o ne a ile a re ho lona: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa wena dijo tseo o ke ke wa di ja!”

2 Dikgosi 7